Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?” Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:12
12 Referencias Cruzadas  

Ho balehela ho Jehova ke molemo o fetisang wa ho itshepela batho;


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


mme ha o a ka wa nneela matsohong a bao e leng dira ho nna, empa wa phetlela maoto a ka sebaka se phatlaletseng.


Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.


Ho madimabe ba ipatang ka ho re, ba patela Jehova merero ya bona, ba etsang mesebetsi ya bona lefifing, ba reng: Ya re bonang ke mang? Ya re lemohileng ke mang?


Jehova a ntsebisa, mme ka tseba; ke moo o ileng wa mpontsha diketso tsa bona.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Banna ba Juda ba tla, ba re: Le re futuheletseng na? Ba re: Re tlile ho tlama Samsone, re tle re etse ka yena jwalokaha a entse ka rona.


Hleka beng ba Keila ba tla nneela matsohong a hae na? Na le Saule o tla theohela kwano, jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile na? Oho Jehova, Modimo wa Iseraele, o ke o tsebise mohlanka wa hao hle. Jehova a re: O tla tla.


Jwale, morena, tloo kamoo o hopotseng kateng, e be rona re mo neelang matsohong a morena.


Saule ha a tsebiswa hobane Davida o ile Keila, Saule a re: Modimo o mo lahletse matsohong a ka, hobane o thibelletswe ha a kene motseng o nang le mamati le mekwallo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos