Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 23:12 - BIBELE

12 Yaba Davida o re: “Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna, le ka banna ba ka, matsohong a Saule?” Morena a re: “Ba tla neelana ka wena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Davida a eketsa, a re: Hleka beng ba Keila ba tla re neela, nna le batho ba ka, matsohong a Saule na? Jehova a re: Ba tla le neela.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 23:12
12 Referencias Cruzadas  

Ho molemo ho tshabela ho Morena, ho ena le ho tshepa motho.


Etsa hore ke tsebe mohau wa hao, ke o tsebe e sa le hoseng, hobane ke o tshepile; mpontshe tsela eo nka tsamayang ka yona, hobane ke o rapela ka moya wa ka wohle.


Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;


Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.


Ho madimabe ba patelang Morena merero ya bona, ba e etsetsang lefifing, ba re: “Ke mang ya re bonang? Ke mang ya re tsebang?”


Morena o ile a mpolella, mme ka tseba; a ntshenolela merero ya bona.


Ha ho sebopuwa se ka patehang pela hae; tsohle di pepeneneng, di bonahala mahlong a hae, yena eo re tla ikarabella ho yena.


Banna ba Juda ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tlile kwano ho re futuhela?” Bafilesita ba re: “Re tlile kwano ho tla tshwara Samosone, re mo etse seo a re entseng sona.”


Na baahi ba Keila ba tla neelana ka nna matsohong a Saule? Na Saule o tla fela a theohele kwano jwalokaha mohlanka wa hao a utlwile? Oho, Morena Modimo wa Iseraele, ke a o rapela: Ako tsebise mohlanka wa hao.” Morena a re: “O tla theohela.”


Ka baka leo he, kgosi ya ka, haeba o rata ho theoha, theoha, mme rona re tla neelana ka yena matsohong a hao.”


Saule a tsebiswa hore Davida o fihlile Keila. Yaba Saule o re: “Modimo o neelane ka Davida matsohong a ka, hobane o ikentse lerabeng ka ho kena motseng o nang le dikgoro, le mekwallo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos