Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Jonathane a fetola Saule, ntatae, a re ho yena: O tla bolaelwang? o entseng na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Jonathane a araba ntatae Saule, a re ho yena: “O bolaelwang? O entseng?”

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:32
17 Referencias Cruzadas  

Yaba Jakobo o halefa, a omanya Labane. Jakobo a fetola Labane, a re: Sebe sa ka ke sefe, mme molato wa ka ke ofe, oo o mphalletseng ka baka la wona na?


O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang,


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


Bobe bona bo ka ho tsohle tse etswang tlasa letsatsi, ke hoba kotsi e le nngwe e hlahela bohle; eba pelo tsa bana ba batho di tlala bobe, mme pelo tsa bona di tlala bowatla ho pheleng ha bona; kamora moo, ba ikela ho bafu.


Pelo e mano ho fetisa tsohle, e bodile hampe; e ka tsejwa ke mang?


Mmusisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho howa, ba re: A thakgiswe!


A bua le bona la boraro, a re: Enwa o entse bobe bofe? Ha ke fihlele molato ho yena, o tshwanelwang ke lefu. Ke tla mo shapa, ke ntoo mo lokolla.


Na molao wa rona o ka hla wa ahlola motho a eso ho utluwe, ho eso ho tsejwe seo a se entseng na?


Saule a betsa ka lerumo, a re: A nke ke bolaele Davida leboteng; Davida a mpa a qoba habedi pela hae.


Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Ebile Davida o baleha Najothe o pela Rama, a tla a re ho Jonathane: Ke entseng? Sebe sa ka ke sefe? Ke sitetswe ntatao kang, ha a pheheletse hakalo ho mpolaya na?


Ha a ka re: Ke teng, e tla ba kgotso ho mohlanka wa hao; ha a halefa haholo, o tsebe hobane o hopotse bobe.


Akimeleke a arabela morena, a re: Hleka ke mang ho bahlanka bohle ba hao ya kang Davida ka bokgabane? Ebile ke mokgwenyana wa morena, ya ntseng a tsamaya ka taelo ya hao, ya hlomphuwang ka tlung ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos