Bona ke bona bobe bo teng dinthong tsohle tse etsahalang mona lefatsheng. Bohle ba hlahelwa ke ntho e tshwanang. Dipelo tsa batho di tletse bokgopo, di bile di na le bohlanya ha batho bao ba sa ntsane ba phela, mme hamorao ba balellwa le bafu.
A re ho bona kgetlo la boraro: “Hobaneng? O entse bobe bofe? Ha ke a fumana letho ho yena le ka lokelang lefu; ka baka leo, ke tla mo shapa, ke nto mo lokolla.”
Jonathane a bua Davida hantle ho Saule, ntatae, a re ho yena: “Kgosi e se ke ya sitelwa Davida, mohlanka wa yona, hobane Davida ha a a o sitelwa, etswe le diketso tsa hae e bile tse ntle ho wena.
O ile a ipea kotsing, a bolaya Mofilesita, mme ka yena Morena a namolela Baiseraele bohle ka mokgwa o hlollang. Le wena o bone, wa ba wa thaba. Jwale ke ka baka lang ha o rata ho sitelwa madi a se nang molato ka ho bolaya Davida ntle ho lebaka?”
Jwale Davida a baleha Naiote e Rama, a ya ho Jonathane, a fihla a re ho yena: “Ebe ke entseng? Bokgopo ba ka ke bofe? Ke sitetswe ntatao ka eng, ha e le moo a batla ho mpolaya tjee?”
Ahimeleke a araba kgosi, a re: “Hara bahlanka ba hao ke mang ya tshepahalang jwaloka Davida, mokgwenyana wa kgosi, ya mamelang ditaelo tsa hao, eo e leng yena molaodi wa balebedi ba hao, ya bileng a hlomphuwang lapeng la hae?