Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ke ntoo roma mohlahlankana, ke re: O batle metsu. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka kwano, e nke hle, etlaba o ka tla, hobane ke kgotso ho wena; ka Jehova ya utlwang, ha ho tsietsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: ‘Tsamaya o yo batla metsu yane.’ Ha nka ka re ho moshanyana eo: ‘Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke!’ jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:21
7 Referencias Cruzadas  

Ekare ha ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, hore ba tle ba ane ka lebitso la ka, ba re: Ka Jehova ya phelang, kamoo ba rutileng setjhaba sa ka kateng ho ana ka Baale, ke tla ba ahisa hara setjhaba sa ka.


Ha o ana ka nnete, ka sebele le ka ho loka, o re: Ka Jehova ya phelang! ditjhaba di tla hlohonolofalla ho yena, di ithorisetse ho yena.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


e leng ba hlapanyang ka sebe sa Samaria, ba reng: Ka modimo wa hao, Dane! Kapa: Ka tsela e yang Beerseba! Ba tla wa, ba se ke ba boela ba tsoha.


Nna, ke tla fulela metsu e meraro nqa teng, jwaloka hoja ke fula ntho eo ke e bonang;


Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka nqane ho wena, teng o ka ikela; etlaba Jehova o re o tlohe.


A ya, a re ho mohlankana wa hae: Matha, o bone metsu eo ke tla e fula. Mohlankana a matha, mme Jonathane a fulela motsu ka nqane ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos