Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 20:21 - BIBELE

21 Jwale ke tla roma moshanyana, ke re ho yena: ‘Tsamaya o yo batla metsu yane.’ Ha nka ka re ho moshanyana eo: ‘Bona, metsu e ka kwano ho wena, e nke!’ jwale wena Davida o tle, hobane ke hlapanya ka Morena ya phelang, kgotso e tla be e le teng, mme o ke ke wa tswa kotsi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ke ntoo roma mohlahlankana, ke re: O batle metsu. Ha nka re ho mohlankana: Bona, metsu e ka kwano, e nke hle, etlaba o ka tla, hobane ke kgotso ho wena; ka Jehova ya utlwang, ha ho tsietsi.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:21
7 Referencias Cruzadas  

Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Leha ba hlapanya, ba re: ‘Ka Morena ya phelang,’ nnete ke hore ba hlapanya ka thetso.”


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


Nna ke tla betsetsa metsu e meraro ka nqa ya moo o ipatileng teng, jwalokaha eka ke betsa pakane.


Empa ha nka ka re ho moshanyana: ‘Bona, metsu e ka nqane ho wena!’ wena o tle o tsamaye, hobane ke Morena ya reng o tsamaye.


A re ho moshanyana eo wa hae: “Matha, o yo batla metsu eo ke tla e betsa!” Ha moshanyana a matha, Jonathane a betsetsa motsu ka nqane ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos