Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Davida a etsa tsohle ka masene, mme Jehova o ne a le ho Yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Davida o ne a atleha ho tsohle tseo a di etsang, hobane Morena o ne a ena le yena.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:14
18 Referencias Cruzadas  

Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona.


Davida a nna a ya a hola, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a nna a ba le yena.


Jehova a ba le yena; ebile moo a qhomehang nthong tsohle tseo a di etsang. A fetohela morena wa Assiria a se ke a hlola a mo sebeletsa.


A bea balebedi Edomo, mme Baedomo bohle ya eba bafo ba Davida. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Davida a ntoo bea balebedi naheng ya Siria ya Damaseka, mme Basiria ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho. Jehova a nna a boloka Davida jwalo hohle moo a yang.


Jehova a ba ho Josafate, kahobane a nnile a tsamaya ka mehlala ya pele ya ntatae Davida, a sa ka a batla boBaale;


Ke tla tsamaya ka tlung ya ka ka pelo e lokileng.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.


Jehova a nna a ba le Joshua, mme a tuma lefatsheng lohle.


Jehova a ba le Juda, mme Juda a hapa dithaba, a mpa a sitwa ho tlosa ba ahileng lehwatateng, kahobane ba ne ba na le makoloi a tshepe.


Jwale, ha o hlahelwa ke dipontsho tseo, o tle o etse kamoo o tla iphihlela ho le kateng, etswe Modimo o na le wena.


E mong wa bahlanka a fetola, a re: Bona, ke bone mora e mong wa Jese wa Bethlehema, ya tsebang ho letsa; hape, ke motho ya matla, ya bohale, motho wa ntwa, ya kelello ditabeng, ya sebopeho se setle, mme Jehova o ho yena.


Ka baka leo, Saule, ha a bona hobane Davida o etsa ka masene a maholo, a eketsa ho mo tshaba.


Ntwa ya boela ya tsoha; Davida a futuha, a lwana le Bafilesta, a ba bolaya ka polao e kgolo, ba ba ba baleha pela hae.


Haele Samuele, o ne a ntse a hola, mme Jehova a ba le yena, a se ke a lahlela fatshe letho la taba tsohle tseo a di boletseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos