Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 17:51 - Sesotho 1909/1961 (SO)

51 Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

51 Yaba Davida o mathela ho Mofilesita, o fihla a mo okamela, a tsomula sabole ya Goliate selateng sa yona, a mmolaya ka ho mo kgaola hlooho ka sabole eo. Ha Bafilesita ba bona hore senatla sa bona se shwele, ba phasaphasa.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:51
10 Referencias Cruzadas  

A bolaya le monna wa Moegepeta, ya sebopeho se tshabehang; leha Moegepeta a ne a tshwere lerumo letsohong la hae, yena Benaia a theohela ho yena ka molamu, a rutla lerumo letsohong la Moegepeta, a ba a mmolaya ka lona lerumo leo la hae.


Ba ne ba mo kenetse tlung, a robetse diphateng, phaposing ya hae ya ho robala, ba mo hlaba teng, ba mmolaya, ba mo kgaola le hlooho, mme ba nka hlooho ya hae, ba ya le tsela ya thota bosiu bohle.


Yaba ba fanyeha Hamane sefateng se neng se lokiseditswe Mordekai, mme kgalefo ya morena ya kokobela.


ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.


Mme kahobane bana ba na le kabelo nameng le mading, le yena o ile a ba le kabelo teng jwaloka bona, hore a fedise ka lefu la hae ya nang le mmuso wa lefu, ke ho re, Diabolose,


Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.


Davida a ntoo tloha, a baleha mohlang oo ke ho tshaba Saule, a tla ho Akishe, morena wa Gathe.


Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.


Ba kgaola hlooho ya Saule, ba mo hlobodisa le dihlomo tsa hae, mme ba romela kahohle naheng ya Bafilesta, ho tsebisa ditaba tseo matlung a medimo ya bona le hara setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos