Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 17:50 - Sesotho 1909/1961 (SO)

50 Davida a hlola Mofilesta jwalo ka letjeketjane le ka lejwe, a bolaya Mofilesta, a mo timetsa, ho se sabole letsohong la Davida.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

50 Davida a hlola Mofilesita ka letjeketjane le ka lejwe. A bata Mofilesita, a mmolaya, empa Davida a ne a sa nka sabole.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 17:50
9 Referencias Cruzadas  

A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


Kamora Ehude, Shamgare, mora Anathe, a bolaya Bafilesta ba makgolo a tsheletseng ka tsenene ya dipholo, a namolela Iseraele le yena.


Ha ho le jwalo, tsatsing la ntwa, ha ho a ka ha fumanwa sabole leha e le lerumo matsohong a setjhaba kaofela se dutseng ho Saule le Jonathane, tsa fumanwa ho Saule le ho Jonathane, mora hae, feela.


Davida a apara diaparo tsa Saule, a nka le sabole ya hae, a re o tla tsamaya ka tsona, athe o ne a eso ho leke tse jwalo. Yaba o re ho Saule: Ke sitwa ho tsamaya ka tsona, hobane ha ke a di tlwaela. Davida a di hlobola ke hona,


Jwale, Davida a kenya letsoho pataneng, a ntsha lejwe teng, a le betsa ka letjeketjane, mme a otla Mofilesta phatleng; lejwe la dikella phatleng ya hae, mme a wela fatshe ka sefahleho.


Ebile Davida o titima, a ema ho Mofilesta; a nka sabole ya hae, a e pshemola selateng sa yona, a mmolaya, a mo kgaola hlooho ka yona. Bafilesta bohle ha ba bona hobane senatla sa bona se shwele, ba baleha.


O o teletse le bophelo ba hae, ha a tla ya bolaya Mofilesta, le Jehova o sebeditse ka yena twelo e kgolo ya Baiseraele bohle; o e bone, wa ba wa e thabela; o ka sitelwa madi a se nang molato jwang, ka ho bolaya Davida feela na?


Moprista a re: Sabole e teng ya Mofilesta Goliathe, eo o mmolaileng thoteng ya Ela; bona, ke eo, e phuthilwe ka lesela kamora efoda; ha o rata ho inkela yona, e nke, hobane haese yona, ha ho e nngwe mona. Davida a re: Ha ho e kang eo, nnee yona.


Saule a re: Le ke le hlohonolofatswe ke Jehova, hobane le nkutlwetse bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos