1 Samuele 17:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)47 Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona. Ver CapítuloBIBELE47 Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.” Ver Capítulo |
Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.