Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 15:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Saule a re ho Samuele: Kannete ke utlwile lentswe la Jehova, ke ile ka tsela eo Jehova a nthomileng ka yona, ke tlisitse le Agage, morena wa Baamaleke, mme ke neetse Baamaleke anathema.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:20
12 Referencias Cruzadas  

Ke hlwekile, ha ho sebe ho nna; ha ke na molato, ha ho bokgopo ho nna;


Hobane Jobo o itse: Ke lokile, mme Modimo o nkamohile toka ya ka;


Na o hloma hore ke taba e lokileng ha o ipea ya lokileng ho fetisa Modimo na,


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


Mohlankana eo a re ho yena: Ke e bolokile kaofela esale bonyenyaneng ba ka ho fihlela jwale; na ke sa hlokang?


Empa yena, kahobane a rata ho ipea ya lokileng, a re ho Jesu: Mme wa heso ke mang na?


Mofarisi a ema, mme a iketsetsa thapelo, a re: Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, e leng mashodu, le bakgopo, le bafebi, leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


Samuele ha a fihla ho Saule, Saule a re ho yena: Hlohonolofatswa ke Jehova! Ke phethile taelo ya Jehova.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


A tshwara le Agage, morena wa Baamaleke, a sa utlwa, a neela setjhaba sohle anathema ka ho se bolaya ka bohale ba lerumo.


Ka baka la hobane o sa ka wa mamela lentswe la Jehova, o sa ka wa etsa ho Amaleke ka bohale ba hae bo tjhesang, ke kahoo Jehova a o etsang jwalo kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos