Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 15:20 - BIBELE

20 Saule a re ho Samuele: “Ke mametse taelo ya Morena. Ke tsamaile ka tsela eo Morena a ntaetseng hore ke tsamaye ka yona. Ke thopile Akake, kgosi ya Baamaleke. Setjhaba sa Baamaleke sona ke se timeditse ho hang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Saule a re ho Samuele: Kannete ke utlwile lentswe la Jehova, ke ile ka tsela eo Jehova a nthomileng ka yona, ke tlisitse le Agage, morena wa Baamaleke, mme ke neetse Baamaleke anathema.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 15:20
12 Referencias Cruzadas  

‘Nna ke hlwekile, ha ke na sebe, ke hlatswehile, ha ke na bokgopo,


“Jobo o re: ‘Nna ha ke na molato, empa Modimo o nkamohile tokelo ya ka.


“Na o bona ho nepahetse ha o re: ‘Nna ke lokile ho feta Modimo?’


“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?


Mohlankana a re ho yena: “Tsena tsohle ke di bolokile; ke sa hloka eng?”


Empa yena ka ho rata ho itokafatsa, a re ho Jesu: “Wa heso ke mang?”


Mofarisi a ema, a rapella ka pelong, a re: ‘Modimo, ke a o leboha ha ke se jwaloka batho ba bang, bao e leng balotsana, ba sa lokang, difebe, kapa leha e le jwaloka molekgetho enwa.


Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,


Samuele a fihla ho Saule, mme Saule a re ho yena: “Morena a ke a o hlohonolofatse! Ke phethile taelo ya Morena!”


Tsamaya he, o yo lwantsha Baamaleke; o timetse tsohle tseo ba nang le tsona ho hang, mme o se ke wa ba wa ba qenehela. O bolaye monna le mosadi, bana le masea, dikgomo le dinku, dikamele le ditonki.’ ”


Saule a tshwara Akake, kgosi ya Baamaleke, a ntse a phela. A bolaya setjhaba sohle sa Baamaleke ka sabole.


hobane ha o a ka wa mamela lentswe la Morena, mme ha o a ka wa phethahatsa kahlolo ya Morena ha a ne a halefetse Baamaleke. Ke ka lebaka lena Morena a o etseditseng ntho e tjena kajeno.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos