A busa Juda, a le Hebrone, ka dilemo tse supileng tse nang le dikgwedi tse tsheletseng, mme a busa Iseraele kaofela le Juda ka dilemo tse mashome a mararo a metso e meraro, a le Jerusalema.
Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.
Ebile morena Roboame o rera le banna ba baholo, ba neng ba eme pela ntatae Salomone, ha a sa phela, a re: Nkeletseng, taba ke efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona na?
Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.
Bao kaofela, e leng banna ba ntwa, ba tsebang ho ema ka ho itlhopholla, ba tla Hebrone ka pelo tse phethehileng, ho bea Davida morena wa Baiseraele bohle; le Baiseraele ba bang bohle ba ne ba le pelo e le nngwe ho bea Davida morena.
Ha ke re, ke ka tse jwalo Salomone, morena wa Iseraele, a kileng a sitwa? Hara ditjhaba tse ngata, ho ne ho se morena ya kang yena; hape o ne a ratwa ke Modimo wa hae, mme Modimo o ne o mo entse morena wa Baiseraele bohle; empa leha ho le jwalo, basadi ba baditjhaba ba ne ba mo sitise.
Nna Mmoledi, ke ne ke le morena wa Iseraele, Jerusalema, mme ka nna ka sekamisetsa pelo ya ka ho batla le ho botsisisa ka hlalefo ntho tsohle tse etswang tlasa mahodimo.