1 Marena 3:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)3 Salomone a rata Jehova, a tsamaya ka melao ya ntatae Davida; feela, a nna a hlaba nqalong tse diphahameng, a tjhesa le dibano teng. Ver CapítuloBIBELE3 Solomone o ne a rata Morena, a latela ditaelo tsa Davida, ntatae. Feela o ne a ntse a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona le mekubetso a e tjhesetsa hona teng. Ver Capítulo |
Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.
Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova,