Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Marena 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Nako ya ho falla ha Davida ha e se e atametse, a laela mora hae Salomone, a re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha nako ya ho shwa ha Davida e se e atametse, a laya Solomone, mora wa hae, a re:

Ver Capítulo Copiar




1 Marena 2:1
15 Referencias Cruzadas  

Yare nako eo Jakobo a tlang ho shwa ka yona ha e atametse, a bitsa Josefa, mora hae, a re ho yena: Ekare ha ke fela ke bone mohau mahlong a hao, ako bee letsoho la hao katlasa serope sa ka, mme o nketsetse ka molemo le ka nnete; ke a o rapela, o se ke wa mpata Egepeta,


Matsatsi a hao ha a phethehile, mohla o orohelang ho bontatao, ke tla tiisa mora wa hao, ya tla tswa maleng a hao, ke tiise le mmuso wa hae.


Ebile morena Salomone o romela ho mo theola aletareng; Adonija a tla, a inama pela morena Salomone, mme Salomone a mmolella, a re: Ikele ha hao.


Yaba o bitsa Salomone, mora wa hae, a mo laela ho hahela Jehova, Modimo wa Iseraele, ntlo.


O mmee pela moprista Eleasare le pela phutheho yohle, mme o mo nee ditaelo pontsheng ya bona.


O mpe o laele Joshua, o mo kgothatse, o mo natlafatse, hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele, hape ke yena ya tla ba ruisa lefatshe leo o tlang ho le bona.


Jehova a re ho Moshe: Bona, letsatsi la ho falla ha hao le atametse; bitsa Joshua, mme le itlhahise tenteng ya pokano, ke tle ke mo laele. Moshe le Joshua ba ya, ba itlhahisa tenteng ya pokano.


Jehova a laela Joshua, mora Nune, a re ho yena: Iphe matla, o tiye pelo, hobane ke wena o tla kenya bana ba Iseraele lefatsheng leo ke ba anetseng hore ke tla ba fa lona, mme nna ke tla ba le wena.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


Ke o laela pontsheng ya Modimo o phedisang ntho tsohle, le pontsheng ya Jesu Kreste ya pakileng nnete ka boipolelo ba bokgabane pela Ponse Pilato, ke re:


Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:


Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos