Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa e mong le e mong ka nako ya hae: Kreste ke yena thakangwaha; morago ga moo ba e leng ba ga Keresete mo go tleng ga gagwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa e mong le e mong ka nako ya hae: Kreste ke yena thakangwaha; morago ga moo ba e leng ba ga Keresete mo go tleng ga gagwe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:23
15 Referencias Cruzadas  

Bafu ba hao a ba ke ba boele ba utlwe; ditopo tsa ka a di ke di tsoswe! Tsohang, lona ba robetseng leroleng, le thabe, hobane phoka ya hao ke phoka e medisang, mme lefatshe le tla ntsha bafu ba ho lona.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


kamoo ho itsweng kateng, Kreste o tla bolawa, e be yena ya tsohang pele bafung, a tle a bolele lesedi ho setjhaba sena le ho ditjhaba tse ding.


Tjhe, empa Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


hang, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya morao; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, mme le rona re tla fetoha.


lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.


Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.


Na le tadima tshobotsi na? Ekare ha e mong a itshepetse hoba ke wa Kreste, a ke a hopole hape hobane, jwalokaha yena e le wa Kreste, le rona re ba Kreste.


Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.


Mme bao e leng ba Kreste, ba thakgisitse nama, le dithato, le ditakatso tsa yona.


hore mohlomong le nna nke ke fihlele tsoho ya bafu.


Hobane tshepo ya rona ke mang, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona keng? Na hase lona le tla ba wona pela Morena Jesu Kreste, ho tleng ha hae?


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos