Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 15:23 - BIBELE

23 E mong le e mong o tla tsoha ka nako ya hae: Kreste ke letsibolo, e nto ba bao e tla be e le ba Kreste, mohla a kgutlang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa e mong le e mong o tla tsoha nakong eo e leng ya hae; thakangwaha ke Kreste; hamorao ke bao e leng ba Kreste; ba tla tsoha ho tleng ha hae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 Empa e mong le e mong ka nako ya hae: Kreste ke yena thakangwaha; morago ga moo ba e leng ba ga Keresete mo go tleng ga gagwe.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Empa e mong le e mong ka nako ya hae: Kreste ke yena thakangwaha; morago ga moo ba e leng ba ga Keresete mo go tleng ga gagwe.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 15:23
15 Referencias Cruzadas  

Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Mora Motho o tla tla ka tlotla ya Ntatae le mangeloi a hae, mme o tla putsa motho ka mong ka ho ya ka seo a se entseng.


Ruri ke a le bolella: Ho na le ba bang hara ba emeng mona ba ke keng ba tseba lefu ho fihlela ba bona Mora Motho a etla ka Mmuso wa hae.”


e leng hore Mesia o tla hlokofatswa, e be wa pele ho tsoha bafung, a tle a bontshe setjhaba sa Bajuda le baditjhaba lesedi.”


Empa Kreste o fela a tsohile bafung, mme ke yena letsibolo la ba shweleng.


hanghang, ka ho panya ha ntshi, ha ho lla terompeta ya mehla ya bofelo, hobane terompeta e tla lla, bafu ba tla tsoha ba se ke ba bola, mme rona re tla fetoha.


lona le ba Kreste, mme Kreste ke wa Modimo.


Modimo o tsositse Morena bafung, mme le rona o tla re tsosa ka matla a hae.


Tadimang ditaba ho ya kamoo di leng kateng. Haeba e mong a ikgodisitse hore ke wa Kreste, a ke a nahane le hore le rona re ba Kreste jwaloka yena.


Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso.


Jwale bao e leng ba Kreste ba thakgisitse dithato le ditakatso tsa bona tsa botho.


ka tshepo ya hore ke tla tsoswa bafung ho iswa bophelong.


Ana ha re ema kapele ho Morena wa rona Jesu, mohla a tlang, tshepo ya rona, thabo ya rona, moqhaka oo re leng motlotlo ka wona, e tla ba ofe, haese lona?


le ke Jesu Kreste, eo e leng yena paki e tshepahalang, wa pele ya tsohileng bafung, le mmusi wa dikgosi tsohle tsa lefatshe. Ho ya re ratileng, ya re hlatswitseng dibe ka madi a hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos