Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 8:8 - Baasraak Sotho NT

8 Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo e tukang mollo ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Lengeloi la bobedi la letsa terompeta ya lona, mme ntho e kang thaba e kgolo, e tukang ke mollo, ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya metsi a lewatle ya fetoha madi;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo ya mollo o tukang ha akgelwa lewatleng. Karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi,

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo e tukang mollo ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi;

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:8
13 Referencias Cruzadas  

Kannete ke re ho lona: E mong le e mong ya ka reng ho thaba ena: Tloha, o itihele lewatleng; mme a ke ke a belaela pelong ya hae, a mpa a dumela hore tseo a di bolelang di tla etsahala; o tla fuoa seo a se buang.


Ba na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na mehleng ya ho porofeta ha bona, mme ba na le matla hodima metsi ho a fetola madi, le ho otla lefatshe ka dikotlo tsohle, hangata kamoo ba ratang kateng.


Mme mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di lahlela lefatsheng;


Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.


Yaba mangeloi a mane a lokollwa, a neng a lokiseditswe hora le letsatsi le kgwedi le selemo ho bolaya karolo ya boraro ya batho.


Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos