Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Tshenolo 8:7 - Baasraak Sotho NT

7 Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 8:7
29 Referencias Cruzadas  

Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele;


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, le kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Joang boa omella, ’me palesa ea bona ea oa;


Mme mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di lahlela lefatsheng;


Wa pele a ya, a tshollela nkgo ya hae lefatsheng; mme ha hlaha seso se bohloko, se bohloko hodima batho ba nang le letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona.


Sefako se seholo, se boima ba dikilo tse mashome a mane se ne se etswa lehodimong, sa wela hodima batho; hobane kotlo ya teng e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.


Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a tshwere meya e mene ya lefatshe, hore moya o se ke wa fokela lefatsheng, leha e le lewatleng, kapa sefateng sefe kapa sefe.


Yaba mangeloi a mane a lokollwa, a neng a lokiseditswe hora le letsatsi le kgwedi le selemo ho bolaya karolo ya boraro ya batho.


Karolo ya boraro ya batho ya bolawa ka tsena tse tharo, ka mollo, le ke mosi, le sebabole, tse tswang melomong ya tsona.


Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos