Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 19:16 - Baasraak Sotho NT

16 E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, ke eng e molemo eo nka e etsang hore ke be le bophelo bo sa feleng?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, taba e ntle ke efe eo ke tla e etsa hore ke be le bophelo bo sa feleng?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Monna e mong a tla ho Jesu, a re: “Moruti, nka etsa eng e molemo, hore ke tle ke be le bophelo bo sa feleng?”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 E mong a tla, a re ho yena: Moruti ya molemo, ke eng e molemo eo nka e etsang hore ke be le bophelo bo sa feleng?

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 19:16
32 Referencias Cruzadas  

A ba bea matsoho, a tloha teng.


Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha.


Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Mme ke di fa bophelo bo sa feleng; mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong;


Ya ratang bophelo ba hae o tla timellwa ke bona; mme ya hloileng bophelo ba hae lefatsheng lena o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.


hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Le batlisise Mangolong; hobane le lekanya hore le na le bophelo bo sa feleng ka tsona, mme ke tsona tse mpakang.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna o na le bophelo bo sa feleng.


Simone Petrose a mo araba, a re: Morena, re tla ya ho mang? ke uena ea nang le mantsoe a bophelo bo sa feleng.


A ba ntshetsa ntle, a re: “Banna, ke etse jwang hore ke bolokehe?


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, le mohau o tle o buse ka ho loka ho isa bophelong bo sa feleng ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Leha ho le jwalo, ke ile ka fumana mohau ka baka la sena, hore Jesu Kreste a tle a bonahatse ho nna, ke le wa pele, mamello yohle, hore e be mohlala ho ba tlang ho dumela ho yena, ba tle ba fumane bophelo bo sa feleng.


O tlhabane tlhabano e e molemo ya tumelo, o tshware botshelo jo bo sa khutleng, jo o bo bileditsweng, wa ba wa ipolela boipolelo jo bo molemo fa pele ga basupi ba le bantsi.


Ba ipokellele motheo o motle wa nako e tlang ho tla, ba tle ba tshware bophelo bo sa feleng.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


e le hore ka ho lokafatsa ka mohau wa hae, re be majalefa, ho ya ka tshepo ya bophelo bo sa feleng.


(Hobane bophelo bo bonahaditswe, mme re bo bone, mme re a paka, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme ba bonahatswa ho rona;)


Mme tshepiso eo a re tshepisitseng yona ke ena, bophelo bo sa feleng.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos