Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 6:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ka baka leo, ha o etsa dithuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha baikaketsi ba etsa masinagogeng le diterateng, ba tle ba tlotliswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ka baka leo, ha o etsa thuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha ho etswa ke baikaketsi ka masinagogeng le diterateng, ba tle ba roriswe ke batho. Kannete ke a le bolella, ke re: Ba se ba nkile moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Ha ho le jwalo, ha o etsetsa mafutsana thuso, o se ke wa ipolela, jwalokaha baikaketsi ba etsa matlung a thapelo le ditseleng tsa motse, hore ba tlotliswe ke batho; kannete ke a le bolella, ba se ba amohetse moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Ka baka leo, ha o etsa dithuso, o se ke wa letsa terompeta pela hao, jwalokaha baikaketsi ba etsa masinagogeng le diterateng, ba tle ba tlotliswe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 6:2
56 Referencias Cruzadas  

Baikaketsi ke lona, Esaia o na a porofete tsa lona hantle, ha a re:


Hosasane, le re: Kajeno ho tla ba le lerata, hobane lehodimo le lefubedu, le letshoane. Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo; empa na ha le kgone ho lemoha dipontsho tsa mehla?


Empa Jesu a lemoha bokgopo ba bona, a re: Baikaketsi le ntekelang?


Empa mesebetsi yohle ya bona ba e etsa hore ba bonwe ke batho;


mme ba rata ditulo tse kapele meketeng, le ditulo tse kapele masinagogeng.


O tla mo kgaola dikoto, a mo bee kabelo ya hae le baikaketsi; teng ho tla ba le dillo le ditsikitlano tsa meno.


Kannete ke re ho lona: Ho fihlela lehodimo le lefatshe di feta, tlhaku e le nngwe kapa tlhaku e le nngwe ya Molao ha di ka ke tsa feta, ho eso ho etsahale tsohle.


Hape, ha le itima dijo, le se ke la sosobanya difahleho jwaloka baikaketsi; Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


Empa ha o etsa dithuso, letsoho la hao le letshehadi le se ke la tseba seo letsoho la hao le letona le se etsang.


Ha le rapela, le se ke la ba jwaloka baikaketsi, hobane ba rata ho rapela ba eme masinagogeng le dikoung tsa mebila, hore ba bonwe ke batho. Kannete ke re ho lona: Ba se ba fumane moputso wa bona.


Moikaketsi ke wena, ntsha pele leballo le ka leihlong la hao; ke moo o tla bona hantle ho ntsha phatsa e ka leihlong la ngwaneno.


Le ditulo tse kapele masynagogeng, le ditulo tse kapele meketeng.


A araba, a re ho bona: Esaia o na a porofetile hantle bakeng sa lona baikaketsi, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Setjhaba sena se ntlhonepha ka melomo feela, empa dipelo tsa bona di hole le nna.


Le mpe le fane ka dithuso tsa dintho tseo le nang le tsona; mme bonang, tsohle di hlwekile ho lona.


Ho madimabe lona, Bafarisi! gonne lo rata ditulo tse di kwa pele mo disenagogeng, le ditumediso mo marekisetsong.


Rekisang ka tseo le nang le tsona, mme le fane ka dithuso; ikeleng mekotla e sa tsofalang, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng, le moo tshwele e sa bodiseng.


Baikaketsi ke lona, le tseba ho lemoha sebopeho sa lehodimo le sa lefatshe; empa ho tla jwang ha le sa lemohe nako ee?


Morena a mo araba, a re: “Moikaketsi ke wena!


Hlokomelang bangodi, ba ratang ho itsamaela ba apere diaparo tse telele, ba ratang ditumediso mapatlelong, le ditulo tse kapele masinagogeng, le ditulo tse kapele meketeng.


Empa ho madimabe lona ba ruileng! gonne lo amogetse kgomotso ya lona.


O ka kgona jwang ho re ho ngwaneno: ’Moena, ntumelle ke ntshe lehlokwa le ka leihlong la hao, athe wena o sa bone leballo le ka leihlong la hao? Moitimokanyi ke wena, ntsha kota e e mo leitlhong la gago pele, ke gone o tla bonang sentle go ntsha phatsa e e mo leitlhong la mokaulengwe wa gago.


Hobane ba bang ba ne ba nahana, kahobane Judase a ne a tshwere mokotlana wa mokotla, Jesu o itse ho yena: Reka tseo re di hlokang bakeng sa mokete; kapa, hore a fe bafumanehi ho hong.


Ha ke amohele tlotla ho tswa ho batho.


Le ka dumela jwang, lona ba tlotlisang, mme le sa batle thoriso e tswang ho Modimo feela?


Ya ipuellang o ipatlela thoriso;


E ne e le monna wa borapedi, ya tshabang Modimo le bohle ba ntlo ya hae, ya neng a abela setjhaba dimpho tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


A re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di hopotswe pela Modimo.


Eitse ha a mo tadima, a tshoha, a re: Ke eng, Morena? A re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse ho ba kgopotso pela Modimo.


Jwale barutuwa ba rera ho romela dithuso ho baena ba ahileng Judea, e mong le e mong kamoo a neng a ka kgona kateng.


Eitse hobane ho fete dilemo tse ngata, ka tla ho isa dithuso le dinyehelo ho setjhaba sa heso.


Jope ho ne ho le morutuwa e mong ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dimpho tseo a neng a di etsa.


kapa ya kgothatsang, a be a kgothatse; ya fanang a etse ka bonolo; ya busang, a a buse ka tjantjello; ya etsang mohau, a etse ka thabo.


Leha nka fana ka maruo a ka kaofela ho fepa bafumanehi, leha nka tela mmele wa ka hore o tjheswe, mme ke se na lerato, ha ho nthuse letho.


Feela ba ne ba batla hore re hopole mafutsana; sona seo le nna ke neng ke labalabela ho se etsa.


Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a a sebetse ka thata, a sebetse se molemo ka matsoho a hae, hore a tle a be le ho abela ya hlokang.


Ha re a ka ra batla thoriso ho batho, leha e le ho lona, leha e le ho ba bang, athe re ne re ka imela jwaloka baapostola ba Kreste.


Hore ba etse se molemo, ba rue mesebetsing e metle, ba ikemisetse ho aba, ba rate ho arolelana;


Re na le thabo e kgolo le tshediso e kgolo leratong la hao, hobane pelo ya bahalaledi e kgatholotswe ke wena, ngwaneso.


Empa le se ke la lebala ho etsa hantle le ho abelana, hobane Molimo o khahlisoa ke mahlabelo a joalo.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos