Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Le ya neng a amohetse tse pedi, le yena a rua tse ding tse pedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Ka mokgwa o jwalo ya amohetseng tse pedi a etsa phaello ya tse pedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Le ya neng a amohetse tse pedi, le yena a rua tse ding tse pedi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:17
23 Referencias Cruzadas  

Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.


Empa ya amohetseng e le nngwe a ya, a tjheka fatshe, a pata tjhelete ya monga hae.


E ne e le monna wa borapedi, ya tshabang Modimo le bohle ba ntlo ya hae, ya neng a abela setjhaba dimpho tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.


Le lopolle nako, hobane matsatsi a khopo.


Le re ho Arkipo: Hlokomela tshebeletso eo o e filweng Moreneng, hore o e phethe.


O bolelwa hantle ka mesebetsi e molemo; haeba a holisitse bana, haeba a amohetse basele, haeba a hlatsoitse maoto a bahalaleli, haeba a thusitse ba mahlomoleng, haeba a latetse ka hloko mesebetsi eohle e molemo.


E mong le e mong a sebeletse e mong ka neo eo a e abetsweng, jwaloka balebedi ba molemo ba mehauhelo e mengata ya Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos