Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 dipolelo tsa bona di tle di tshediswe, mme ha ba tlamahanngwa hammoho ka lerato, ba fihlele monono wohle wa kelello e tletseng, ba tle ba utlwisise sephiri sa Modimo e leng Kreste,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 E le hore lipelo tsa bona li tšelisehe, ba kopanngoe hammoho leratong, le leruong lohle la kholiseho e tletseng ea kutloisiso, le tsebong ea sephiri sa Molimo, le sa Ntate, le sa Kreste;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:2
58 Referencias Cruzadas  

Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.


Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Erekaha ba bangata ba nkile letsoho ho rera ditaba tseo re di dumelang ruri,


Nna le Ntate re bang.


Empa ekare ha ke e etsa, leha le sa dumele ho nna, dumelang mesebetsi, le tle le tsebe, mme le dumele hobane Ntate o ka ho nna, le nna ke ka ho yena.


Tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka;


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Empa Jesu a ba araba, a re: Ntate o sa ntse a sebetsa, le nna ke a sebetsa.


Hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.


Mme rona re dumetse, mme re a tseba hobane o Kreste, Mora Modimo o phelang.


Mme bongata ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong; empa ba ne ba kopanetse tsohle.


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Hobane le ka porofeta bohle ka bonngoe, hore bohle ba ithute, mme bohle ba kgothatswe.


Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.


Ha ho Mojuda kapa Mogerike, ha ho lekgoba kapa motho ya lokolohileng, ha ho monna kapa mosadi, hobane kaofela le ntho e le nngwe ho Kreste Jesu.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare;


Hobane o ile a ntsebisa sephiri ka tshenolo; (joalokaha ke ngotse pejana ka mantsoe a seng makae),


Eo ke mo rometseng ho lona ka morero oo, hore le tle le tsebe ditaba tsa rona, le hore a tle a le tshedise.


Ha ho le matshediso ho Kreste, ha ho le matshediso a lerato, ha ho le kopano ya Moya, leha e le matswalo, le mehauhelo,


Ee, ke mpa ke lekanya dintho tsohle e le tahlehelo ka baka la boholo ba tsebo ya Jesu Kreste, Morena wa ka, eo ke lahlehetsweng ke tsohle ka baka la hae, mme ke di nka e le manyala, hore ke tle ke hape Kreste.


E leng sephiri se neng se patilwe ho tloha kgale le melokong, empa jwale se senoletswe bahalaledi ba hae.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Ka baka leo, le rona, haesale mohla re utlwang, ha re phetse ho le rapella, le ho le kopa hore le tlale tsebo ya thato ya hae ka bohlale bohle le kutlwisiso ya Moya;


Mme a sa tshware Hlooho, eo ho yona mmele wohle o sebeletswang ka manonyello le mahlapo, o hohelwang hammoho ka ho hola ha Modimo.


Hodima tseo tsohle le apare lerato, e leng tlamo ya phetheho.


Le re rapelele, hore Modimo o re bulele monyako wa polelo, ho bolela sephiri sa Kreste, seo le nna ke leng ditlamong ka baka la sona.


Eo ke mo rometseng ho lona ka baka leo, hore a tle a tsebe taba tsa lona, mme a tshedise dipelo tsa lona;


Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.


ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.


Joale rea le eletsa, barab’eso, hore le eletse ba sa laoleheng, le tšelise ba nyahameng, le tšehetse ba fokolang, le be le mamello ho batho bohle.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Mme re lakatsa hore e mong le e mong wa lona a bonahatse mafolofolo a tshwanang le ona ho fihlela qetellong ya tshepo e tiileng.


Ka baka leo, banabeso, itekeng ka ho fetisisa ho tiisa pitso le kgetho ya lona;


Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Ke ka hona re tsebang hoba re ba nnete, mme re tla tiisa dipelo tsa rona pela wona.


Hobane ho na le ba bararo ba pakang lehodimong, Ntate, Lentswe, le Moya o Halalelang: mme ba bararo bao ke ntho e le nngwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos