Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaKolose 2:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Hobane ke rata ha le ka tseba hore na ntwa e kgolo ke efe eo ke nang le yona bakeng sa lona, le ba Laodisea, le bohle ba sa kang ba mpona ka nama;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Hobane ke rata ha le ka tseba ntwa e kgolo eo ke e lwanelang lona, le ba Laodisia, le bohle ba sa kang ba bona sefahleho sa ka nameng,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ke rata ha le ka tseba kamoo ke le lwanetseng haboima kateng, lona, le baahi ba Laodisea, le ba bang ba bangata ba sa tsebeng le sefahleho sa ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Hobane ke rata ha le ka tseba hore na ntwa e kgolo ke efe eo ke nang le yona bakeng sa lona, le ba Laodisea, le bohle ba sa kang ba mpona ka nama;

Ver Capítulo Copiar




BaKolose 2:1
18 Referencias Cruzadas  

Mme a le bohlokong bo boholo, a rapela ka matla, mme mofufutso wa hae wa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.


Jwale, bonang, ke a tseba hobane lona bohle bao ke tsamaileng hara lona ke ntse ke bolela tsa mmuso wa Modimo, ha le sa tla hlola le bona sefahleho sa ka.


Ba hloname haholo ka baka la polelo eo a e boletseng, hore ba se ke ba hlola ba bona sefahleho sa hae. Yaba ba mo felehetsa ho ya fihla sekepeng.


Bana ba ka, bao ke boetseng ke utlwa bohloko ba pelehi ka baka la bona, Kreste a be a bopehe ka ho lona.


Le na le ntwa e tshwanang le eo le e boneng ho nna, eo le e utlwang jwale hore e ho nna.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Ke sona seo ke se sebeletsang, ke ntse ke lwana ho ya ka tshebetso ya hae, e sebetsang ka ho nna ka matla.


Hobane leha ke le siyo ka nama, ka moya ke na le lona, ke ntse ke thaba, ke bona tlhophiso ya lona, le ho tiya ha tumelo ya lona ho Kreste.


Empa leha re ne re utlwile bohloko pele, le ho hlabiswa dihlong, jwalokaha le tseba, ha re le Filipi, re ile ra ba sebete ka Modimo wa rona ho le bolella Evangeli ya Modimo ka ntwa e kgolo.


Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;


Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos