Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Empa Modimo wa ka o tla le nea tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme Modimo wa ka o tla le tlatsetsa ka tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Modimo wa ka o tla le sitsa ka tsohle tseo le di hlokang, ho ya ka bongata ba maruo a hae, ka Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

19 Empa Modimo wa ka o tla le nea tsohle tseo le di hlokang, ka monono wa wona, kganyeng, ka Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:19
44 Referencias Cruzadas  

Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


A ntoo re ho Thomase: Ntsha monoana wa hao mona, mme o bone matsoho a ka; mme o tlise letsoho la hao mona, o le kenye lehlakoreng la ka: mme o se ke wa ba ya sa dumeleng, o mpe o be ya dumelang.


Sa pele, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste bakeng sa lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


A botebo ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! likahlolo tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa hakaakang, ’me litsela tsa hae ke tse ke keng tsa batlisisoa!


Kapa o nyedisa monono wa molemo wa hae, le wa mamello, le wa tiisetso ya hae; o sa tsebe hobane molemo wa Modimo o o isa pakong?


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


le hore a tle a tsebise monono wa kganya ya hae hodima dijana tsa mohau, tseo a di lokiseditseng kganya pele.


Mme e tle e re fa ke boa, Modimo wa me a nkokobe mo gare ga lona, mme ka hutsafalela ba bantsi ba ba kileng ba leofa, ba se ka ba ikwatlhaela boitshekologo le boaka le boaka jo ba bo dirileng.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


E le hore mehleng e tlang o tle o bonahatse monono o fetisisang wa mohau wa wona ka mohau wa wona ho rona ka Jesu Kreste.


Hore, ho ya ka monono wa kganya ya wona, o le nee ho matlafatswa ka matla ka Moya wa wona mothong wa kahare;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Modimo, o le bileditseng mmusong wa wona le kganyeng ya wona.


Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ke leboha Modimo wa ka, ha ke o hopola kamehla merapelong ya ka.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos