Yuda 1:5 - BIBELE Le hoja le se le tseba tsena tsohle ka ho tlala, ke rata ho le hopotsa hore, e ne e re hoba Morena a pholose setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o ile a fedisa ba sa kang ba dumela. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke rata ho le hopotsa taba eo le seng le e tseba, ke hoba Morena, hobane a lwele setjhaba sa hae naheng ya Egepeta, hamorao o fedisitse ba sa kang ba dumela. Baasraak Sotho NT Ke rata ho le hopotsa, le hoja le tsebile taba eo pele, hoba Morena, ha a se a pholositse setjhaba sa Egepeta, hamorao o ile a timetsa ba sa kang ba dumela. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke rata ho le hopotsa, le hoja le tsebile taba eo pele, hoba Morena, ha a se a pholositse setjhaba sa Egepeta, hamorao o ile a timetsa ba sa kang ba dumela. |
Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.
Empa dikarolong tse ding ke le ngoletse ke sa tshabe ho le hopotsa ditaba tse ding, ka baka la mohau oo ke o neilweng ke Modimo,
Jwale ke bafe ba ileng ba le utlwa, mme ba mo fetohela? Na hase bohle ba ileng ba tswa Egepeta ba tsamaiswa ke Moshe?
Baratuwa, lengolo lena leo ke le ngollang lona jwale, e se e le la bobedi. Ho wona a mabedi ke ne ke tsosa maikutlo a lona a hlwekileng ka ho le hopotsa.
Empa lona le na le Moya o Halalelang oo le o neilweng ke Kreste, mme bohle le tseba nnete.
Ha ke a le ngolla hobane le sa tsebe nnete, empa ke hobane le e tseba, le tseba le hore ha ho leshano le ka tswang nneteng.