“Ha e le lona mohlape wa ka, ho rialo Morena Modimo, ke tla le ahlola, ke kgethe nku e lokileng ho e sa lokang, le dipheleu ho diphooko.
Yuda 1:22 - BIBELE Hauhelang ba qeaqeang; Sesotho 1909/1961 (SO) Le hauhele ba bang ba dikadikang; Baasraak Sotho NT Ba bang le be le qenehelo, le etse phapang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ba bang le be le qenehelo, le etse phapang. |
“Ha e le lona mohlape wa ka, ho rialo Morena Modimo, ke tla le ahlola, ke kgethe nku e lokileng ho e sa lokang, le dipheleu ho diphooko.
Ke ne nka rata ho ba le lona hona jwale, e le hore ke tle ke tsepamise puo ya ka, hobane taba ya lona e nkemisitse hlooho.
Bana beso, haeba motho a ka wela sebeng ka tsometso, lona ba nang le Moya wa Modimo le mmusetse tseleng ka moya o mosa. Le wena o itlhokomele, esere wa lekwa.
Ipolokeng leratong la Modimo, le ntse le lebeletse hore mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o le ise bophelong bo sa feleng.
le ba pholose ka ho ba tshola mollong. Ba bang bona le ba hauhele, empa le ntse le ena le tshabo; le hloye esita le seaparo se silafaditsweng ke bona.