Tshenolo 2:4 - BIBELE “Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore ha o sa nthata jwaloka pele. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele. Baasraak Sotho NT Leha ho le jwalo, ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le jwalo, ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele. |
Thapelo ya ka ke hore le ekeletswe lerato le nang le tsebo le kutlwisiso yohle hoyahoile,
Bana beso, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, jwalokaha ho lokela, hobane tumelo ya lona e hola ka matla, le lerato leo le ratanang ka lona le eketseha ho e mong le e mong wa lona.
“Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.
“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.