Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.
Tshenolo 1:3 - BIBELE Ho lehlohonolo ya balang, ya mamelang mantswe a boporofeta bona, mme ya bolokang tse ngotsweng, hobane nako ya tsona e se e atametse. Sesotho 1909/1961 (SO) Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang ditaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; hobane nako ya tsona e se e le haufi. Baasraak Sotho NT Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng; |
Ho lehlohonolo motho ya mmamelang, ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka.
“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang!
Empa Jesu a re: “E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, ba le boloke.”
Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.
Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.
Feela, baratuwa, ntho eo le sa tshwanelang ho e lebala ke ena: Ho Morena letsatsi le le leng le jwaloka dilemo tse sekete, mme le dilemo tse sekete di jwaloka letsatsi le le leng.
La boela la re ho nna: “Mantswe a boporofeta a bukeng ena, o se ke wa a etsa pinyane, hobane nako e se e atametse.
“Bona, ke tla tla kapele, ke tlise moputso ho o nea motho ka mong ho ya kamoo a sebeditseng kateng.
“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.