Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.
Ruthe 2:9 - BIBELE O shebe feela tshimo eo a e kotulang, o a sale morao. Ke laetse bahlanka ba ka hore ba se ke ba o tshwenya. Ha o nyorilwe, o ye dinkgong, mme o nwe metsi a kgilweng ke bahlanka ba ka.” Sesotho 1909/1961 (SO) mahlo a hao a tadime tshimo eo ba e helang, o ba sale morao. Ha ke re, ke laetse bahlankana hore ba se ke ba o ama? Leha o ka nyorwa, o ye dinkgong, o nwe se kgilweng ke bahlankana. |
Modimo a re ho yena torong eo: “E, ke a tseba hore hona o ho entse ka tswalo le kgutsitseng, mme ke nna ya ileng a o thibela hore o se ke wa ntshitelwa. Ka baka leo, ha ke a ka ka o dumella hore o mo ame.
O jwalo ya kenang kobong tsa mosadi wa motho, ya amang mosadi, eo a ke ke a phema kahlolo!
Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”
Jwale ke kena ditabeng tseo le ileng la nngolla ka tsona. Ke re: Ho molemo hore monna a se ke a ama mosadi.
Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.
Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”
Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.