Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”
Ruthe 2:4 - BIBELE Boase a fihla moo, a etswa Betlelehema, a re ho bakotudi: “Morena a be le lona!” Bona ba re ho yena: “Morena a o hlohonolofatse.” Sesotho 1909/1961 (SO) Mme bonang, Boase a tswa Bethlehema, a fihla, a re ho bahedi: Jehova a be le lona! Ba araba, ba re ho yena: E, Jehova a o hlohonolofatse! |
Nke ke! Hobane ke mo kgethile hore a tle a laele bana ba hae le lelapa la hae ho tsamaya ka tsela ya Morena ka ho etsa tse lokileng, le ho sebetsa ka toka; e le hore Morena a tle a phethe tseo a di tshepisitseng Aborahama.”
Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.
Morena a ke a o hlohonolofatse, a o hlohonolofatse a le Sione, yena ya entseng mahodimo le lefatshe.
Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Ha ke se ke kgutlisitse setjhaba sena bothopuweng, baahi ba Juda le ba metsana ya yona ba tla boela ba bua tjena: “ ‘Morena a o hlohonolofatse, wena leaho la toka, wena o leng thaba e halalelang.’
Morena wa kgotso ka sebele a ke a le fe kgotso kamehla le ka mekgwa yohle. Morena a ke a be le lona bohle.
Makgoba ao beng ba wona e leng badumedi a se ke a ba nyedisa, hobane e le bana babo wona; a mpe a ba sebeletse hantle le ho feta, hobane ba fumanang molemo wa tshebeletso ya wona ke ba dumelang, bao a ba ratang. O rute, mme o kgothaletse tsena.
Haeba le bona hore ke ntho e mpe ho sebeletsa Morena, ikgetheleng hona kajeno hore na le tla sebeletsa mang: E ka ba medimo eo bo-ntata lona ba neng ba e sebeletsa ha ba le mose wane ho Noka, kapa medimo ya Baamore, bao le ahileng naheng ya bona. Empa ha e le nna le ba lelapa la ka re tla sebeletsa Morena.”
Lengeloi la Morena la itlhahisa ho Gideone, la re ho yena: “Morena o na le wena, wena mohlabani wa senatla.”
Morena a re ho yena: “Ruri ke tla ba le wena, mme o tla hlola Bamidiane jwalokaha eka ke motho a le mong.”
Ruthe a ya, a fihla a kgwahlapisa tshimong, a setse bakotudi morao. Ka lehlohonolo a kena tshimong eo e leng ya Boase, eo e neng e le wa morabe wabo Elimeleke.
Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?”
Batho bohle ba neng ba le kgorong ya motse, ba re: “Re dipaki!” Baholo ba re: “Morena a ke a etse hore mosadi enwa ya tla kena ka tlung ya hao, a ke a be jwaloka Ragele le Lea, ba neng ba tswalle Iseraele bana. O ke o atlehe Eferata, mme o tume Betlelehema.
Davida a boela a re: “Morena ya nnamoletseng marong a tau, le marong a bere, o tla nnamolela matsohong a Mofilesita enwa.” Yaba Saule o re ho Davida: “Tsamaya, Morena o tla ba le wena!”