“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.
Numere 9:11 - BIBELE Ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka phirimana, ba tla etsa mokete wa Paseka, ba je le bohobe bo sa lomoswang, le moroho o babang. Sesotho 1909/1961 (SO) Ba tla e etsa ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya bobedi, ka nako ya manstiboya; ba tla e ja ka mahobe a se nang ditomoso le ka meroho e babang; |
“Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Haeba motho ofe kapa ofe wa lona, kapa wa leloko la lona, a ena le sesila ka baka la setopo sa motho; kapa eba o leetong, holehole, o tla nne a etsetse Morena mokete wa Paseka.
Ka letsatsi la leshome le metso e mene la yona kgwedi ena, ka phirimana, le tla etsa mokete wa Paseka ka nako ya wona. Le tla o etsa ho ya ka melao yohle ya wona, le ho ya ka ditaelo tsohle tsa wona.”
Tsena di etsahetse hore ho tle ho phethahale temana ya Mangolo e reng: “Ha ho lesapo la hae le tla rojwa.”
Le se ke la e jelella ka bohobe bo lomositsweng. Ka matsatsi a supileng le tla e jelella ka bohobe bo sa lomoswang, e leng bohobe ba matshwenyeho, hobane le ne le tswe Egepeta ka ntshwe-di-safohlwa; e le hore ka matsatsi wohle a ho phela ha lona le nne le hopole mohla le neng le etswa naheng ya Egepeta.