A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.
Numere 8:10 - BIBELE Jwale o tlise Balevi kapele ho Morena, mme bana ba Iseraele ba bee matsoho a bona hodima Balevi. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla atametsa Balevi pela Jehova, mme bana ba Iseraele ba tla bea matsoho a bona hodima Balevi. |
A bee letsoho la hae hodima hlooho ya phoofolo ya sehlabelo sa setjheso, mme e tla ananelwa e le sehlabelo se tlosang dibe tsa hae.
Baholo ba setjhaba ba tla bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana, ba le kapele ho Morena, mme ba e hlabele kapele ho Morena.
“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.
O se ke wa lebala ho sebedisa neo ya moya, eo o e filweng ka boporofeta, mohla lekgotlana la baholo le neng le o bea matsoho.
O se ke wa potlakela ho bea mang kapa mang matsoho; o se ke wa ba le kabelo dibeng tsa ba bang, mme o ipoloke o hlwekile.