Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.
Numere 7:15 - BIBELE Le pohwana e le nngwe, le pheleu e le nngwe, le nku e le nngwe e tona e nang le selemo, e le tsa nyehelo ya setjheso; Sesotho 1909/1961 (SO) le pohwana ya kgomo, le pheleu, le konyana e tona e lemo se le seng, e be setjheso; |
Ruri o ipelesitse mahloko a rona, malwetse a rona le wona a inkela wona, empa rona ra hopola e le ya otlwang, ya shapuwang, le ho hlokofatswa ke Modimo.
Le lefiswana le le leng la kgauta, leo boima ba lona e neng e le dikeramo tse lekgolo le leshome, le tletseng mokubetso.
Ka mokgwa o jwalo Mora Motho ha a ya tlela ho sebeletswa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ya ba bangata.”
Ke mang ya ka ba ahlolang, athe Kreste Jesu o ile a shwa, a ba a tsoha bafung, yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang?
Yena o iteletse rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, a itlhwekisetse setjhaba seo e tla ba sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e metle.
Ho ne ho tshwanela hore Modimo, yena eo dintho tsohle di tswang ho yena, mme di leng teng ka yena, ya neng a tla isa bana ba hae ba bangata tlotleng, a etse hore pulamadiboho e ba pholosang, e phethehe ka ho hlokofatswa.
Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.
Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;