Numere 5:6 - BIBELE “Bolella bana ba Iseraele, o re: ‘Ha monna kapa mosadi a ka etsa sebe sefe kapa sefe se yeng se etswe ke batho, mme kahoo a sitelwa Morena ka ho se tshepahale, motho eo o tla ba molato. Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella bana ba Iseraele, o re: Ha monna, kapa mosadi, a entse se seng sa dibe tseo batho ba sitelwang, ba sitelwang Jehova ka tsona, mme ha motho eo a le molato kahoo, |
“ ‘Empa ha motho a sitwa ho fumana nku kapa podi, o tla tlisetsa Morena nyehelo ya hae ya sebe seo a se entseng, ya maebanakgorwana a mabedi, kapa madinyane a mabedi a maeba, le leng e le la nyehelo ya sebe, le leng e le la nyehelo ya setjheso.
Ba fihla Gileade ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba bua le bona, ba re:
Yaba Joshua o re ho Akane: “Ngwanaka, ke a o rapela: Tlotlisa Morena Modimo wa Iseraele, o ipolele ho yena. Ke a o rapela: Mpolelle seo o se entseng. O se ke wa mpatela letho.”