Numere 5:12 - BIBELE “Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha mosadi wa monna e mong a etsa phoso, mme a sa tshepahale ho monna wa hae, Sesotho 1909/1961 (SO) Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha mosadi wa monna a kgeloha, mme a mo sitelwa; |
“ ‘Ona ke molao wa lefufa. Ha mosadi a etsa phoso, empa a ntse a le tlasa taolo ya monna wa hae, mme a itshilafatsa;
“Ha monna a nka mosadi, mme a mo nyala, eba hamorao o utlwa a se a sa mo rate, hobane a fumane ho hong hoo a sa ho rateng ho yena, o tla mo ngolla lengolo la tlhalo, a mo nee lona letsohong la hae, ebe o mo leleka lapeng ha hae.