Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.
“O tla etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a robedi a metso e robedi, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
“Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona.