La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 32:10 - BIBELE

Ka letsatsi leo kgalefo ya Morena ya tlokoma, mme a hlapanya, a re:

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Mme bohale ba Jehova ba tuka ka tsatsi leo, mme a hlapanya, a re:

Ver Capítulo



Numere 32:10
8 Referencias Cruzadas  

Yaba ke hlapanya ke halefile, ke re: “Ba ke ke ba ba ba kena ba kena phomolong ya ka.”


Empa hona moo lehwatateng ka ba hlapanyetsa, ka re ha nka ke ka ba isa naheng eo ke ba neileng yona, e phallang lebese le mahe a dinotshi, e fetang dinaha tsohle ka botle.


Morena a re ho Moshe: “Setjhaba see se tla nnyedisa ho fihlela neng? Se tla hana ho ntumela ho fihlela neng, leha se bone dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?


Empa ke hlapanya ka bophelo ba ka, le ka tlotla ya Morena e tletseng lefatsheng lohle:


ruri ba ke ke ba bona naha eo ke e hlapanyeditseng bo-ntata bona; le bohle ba nnyedisitseng ba ke ke ba e bona.


Ditopo tsa lona di tla rapalla lehwatateng lena; lona bohle ba badilweng ha ho balwa setjhaba, bohle ba dilemo di mashome a mabedi ho ya hodimo, ba ileng ba nkorotlela;