Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera. Bara ba Beria: Hebere le Malekiele.
Numere 26:44 - BIBELE Bara ba Ashere, ho ya ka malapa abo bona, ke Jimena, ya tswetseng morabe wa Jimena, le Jishefi, ya tswetseng morabe wa Jishefi, le Beria, ya tswetseng morabe wa Beria. Sesotho 1909/1961 (SO) Bara ba Asere ke bana, ka matlo a bona: ka Jimna ho hlahile ba ntlo ya Bajimna; ka Jishvi ntlo ya Bajishvi; ka Beria ntlo ya Baberia. |
Bara ba Ashere: Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, le kgaitsedi ya bona Sera. Bara ba Beria: Hebere le Malekiele.
Bara ba Ashere e ne e le Jimena, le Jishefa, le Jishefi, le Beria, kgaitsedi ya bona e le Sera.
Ha balwa bana ba Ashere ho ya ka meloko ya bona, le ka malapa abo bona, le ka matlo a bo-ntata bona; le ho ya ka mabitso a banna bohle bao e ka bang bahlabani, ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.
Bara ba Beria ke Hebere, ya tswetseng morabe wa Hebere, le Malekiele, ya tswetseng morabe wa Malekiele.