Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.
Numere 22:2 - BIBELE Balake, mora wa Sipore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng ho Baamore. Sesotho 1909/1961 (SO) Balake, mora Tsippore, a bona tsohle tseo Baiseraele ba di entseng Baamore. |
Morena a utlwa Iseraele, mme a mo fa matla a ho hlola Bakanana. Baiseraele ba ripitla Bakanana le metse ya bona ho hang. Yaba sebaka seo ba se rea lebitso la Horema.
Jwale ha hlaha Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, le yena a lwantsha Baiseraele. A romela maqosa ho Bileame, mora wa Beore, hore a le rohake.
Jwale o bona eka o feta Balake, mora wa Sipore, kgosi ya Moabe, ka eng? Na o kile a tsekisana le Baiseraele, kapa na o kile a ba lwantsha?