O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.
Numere 19:4 - BIBELE Moprista Eleasare o tla qopetsa monwana wa hae mading, a foke ka wona ka makgetlo a supileng kapele ho monyako wa Tente ya Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Moprista Eleasare o tla nka madi a sethole ka monwana, mme o tla foka wona hasupa ka nqa kapele ho tente ya pokano. |
O tla nka madi a pohwana, a foke hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe ka monwana wa hae, ka nqeng ya botjhabela; hape a foke hasupa kapele ho sona.
Ka madi a mang o tla foka hodima aletare hasupa, a e hlwekise, a e halaletse, hore a tlose ho se hlweke ha bana ba Iseraele ho ho yona.”
O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira, ka makgetlo a supileng.
O tla ina monwana wa hae ka mading, a foke kapele ho Morena, le kapele ho lesira la Sehalalelo, ka makgetlo a supileng.
Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.
ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.