Numere 16:7 - BIBELE Hosasane le bee mashala a hlenneng ka dipaneng, le tshele mokubetso hodimo wona, le le kapele ho Morena. Motho eo Morena a tla mo kgetha, ke yena ya halalelang. Ke kgale re le mameletse lona, bara ba Levi!” Sesotho 1909/1961 (SO) le kenye mollo ho tsona, le tshele dibano ho tsona pela Jehova, hosasane, mme monna eo Jehova a tla mo kgetha e tla ba yena ya kgethilweng; ho lekane, bara ba Levi. |
Ba ikopanya, ba lwantsha Moshe le Arone, ba re ho bona: “Kgale re le mameletse! Setjhaba sena sohle se a halalela, mme Morena o teng hara sona. Ke ka baka lang ha le iphahamisa, le ipea kahodima setjhaba sa Morena?”
a bua le Kora le balatedi ba hae, a re: “Hosasane Morena o tla bontsha eo e leng wa hae, le hore na ya halalelang ke mang, mme a mo atametse pela hae. Eo a tla mo kgetha, o tla mo atametsa pela hae.
Modimo o ikgethetse rona ka Kreste lefatshe le eso thewe, hore re halalele, re hloke sekodi pela hae, re be le lerato.
Ha e le rona, re tshwanetse ho leboha Modimo kamehla ka baka la lona, bana babo rona ba ratwang ke Morena. Modimo o le kgethile le le ba pele ba tla pholoswa ka matla a Moya o le halaletsang, le ka tumelo ya lona nneteng.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.