Numere 1:10 - BIBELE Hara bana ba Josefa: lapeng la Efraime e be Eleshama mora wa Amihude; lapeng la Manase e be Gamaleele mora wa Pedasure. Sesotho 1909/1961 (SO) melokong ya bara ba Josefa: ho la Efraime, Elishama, mora Ammihude; ho la Manasse, Gamaliele, mora Pedahtsure; |
“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.
“Pela bao e tla ba ba morabe wa Manase. Kgosana ya bana ba Manase e tla ba Gamaleele, mora wa Pedasure.
Ka letsatsi la bosupa ha nyehela kgosana ya bana ba Efraime, e leng Eleshama, mora wa Amihude.
Ka letsatsi la borobedi ha nyehela kgosana ya bana ba Manase, e leng Gamaleele, mora wa Pedasure.