La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 7:4 - BIBELE

Motse o ne o le moholo, o le batsi, empa batho ba ne ba le mmalwana, le matlo a eso hahwe.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane motse o ne o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae, le wona matlo a ne a eso ho hahuwe.

Ver Capítulo



Nehemia 7:4
7 Referencias Cruzadas  

Baetapele ba setjhaba ba aha Jerusalema. Setjhaba sona sa etsa lotho, ho kgetha motho a le mong ho ba leshome, hore a yo aha Jerusalema, e leng motse o halalelang; ba robong, ho ba leshome, bona ba ahe metseng e meng.


Setjhaba sa lakaletsa batho bohle ba ileng ba ithaopela ho aha Jerusalema lehlohonolo.


Yaba ke re ho bona: “Menyako ya Jerusalema e se ke ya ba ya bulwa ho fihlela ha letsatsi le eba hloohong tsa mengala. Ha balebedi ba ntse ba le mosebetsing, menyako ya motse e kwalwe, ho be ho bewe mekwallo. Hara baahi ba Jerusalema le kgethe balebedi; ba bang ba lebele dibaka tse itseng, ba bang ba lebele kapele ho matlo a bona.”


Modimo wa ka a ntshusumetsa hore ke kgobokanye mahosana, le babusi, le setjhaba, e le hore ba tle ba balwe ka ho ya ka meloko ya bona. Ka fumana buka ya lenane la meloko, moo ho neng ho ngotswe mabitso a bathopuwa ba ileng ba kgutla pele. Ho yona ho ne ho ngotswe tsena:


Bara ba hao ba tla tsosa thako tsa hao tsa kgale, o hahe hodima metheo ya baholoholo ba hao. Wena o tla bitswa Motsosi wa marako a helehileng, o bitswe Molokisi wa ditsela le matlo.”


Jwale batlang Mmuso wa Modimo le ho loka ha hae pele, mme tsena tsohle le tla di ekeletswa.