La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 6:4 - BIBELE

Ka makgetlo a mane ba nna ba nthomella molaetsa ka mokgwa wona ona. Le nna ka nna ka ba araba ka mokgwa o tshwanang le wona ona.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ba nthomela taba eo e le nngwe makgetlo a mane, mme le nna ka nna ka ba romela karabo e le nngwe.

Ver Capítulo



Nehemia 6:4
10 Referencias Cruzadas  

Ka ba romela maqosa, ka re: “Mosebetsi wa ka o mongata haholo, ka hona ke sitwa ho tla. Ke ka baka lefe ho ka emiswang mosebetsi, ha nna ke o tlohela, ke theohela ho lona moo?”


Ka lekgetlo la bohlano Sanebalate a roma mohlanka wa hae ho ntlisetsa molaetsa o tshwanang le melaetsa ya pele, ka lengolo le sa kwalwang.


Kamehla ya se nang tsebo ke tumelakgweela, empa ya bohlale eka kgona a ikgodise.


Ka puo tsa lehelehele lena mohlankana a ineela, ka molomo wa lona o ekang, mohlankana a hapeha.


feela kahobane mohlolohadi enwa o a nkgathatsa, ke tla mo ahlolela, esere qetellong a nngamola hlooho ka ho nna a etla.’ ”


Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.


Empa le ka motsotswana feela ha ke a ka ka ba mamela, e le hore le bolokelwe nnete ya molaetsa o molemo.


Delila a re ho Samosone: “Bona mona, o mphoqile, mme o mpoleletse leshano. Jwale ako mpolelle hle: Ke eng eo o ka tlangwang ka yona?”


Delila a re ho Samosone: “Ke a o kopa: Ako mpolelle hore na matla ana a hao a maholo hakana a tswa kae, le hore na o ka tlangwa ka eng ho o fokodisa!”