Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”
Nehemia 4:21 - BIBELE Yaba re ntse re sebetsa, mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo ho tloha hoseng, ho fihlela ha dinaledi di hlaha. Sesotho 1909/1961 (SO) Ra tshwara mosebetsi jwalo, ba bang ba rona ba ntse ba tshwere marumo, ho tloha ka meso ho isa ha dinaledi di hlaha. |
Kae kapa kae, moo le tla utlwa lenaka le lla teng, le bokanele hona teng ho rona, mme Modimo wa rona o tla re lwanela!”
Ka yona nako eo ka re ho setjhaba: “Motho ka mong, le mohlanka wa hae, ba hlole Jerusalema, e le hore ba tle ba re lebele bosiu, mme motsheare ba sebetse.”
Empa ke ka mohau wa Modimo ke leng seo ke leng sona, mme mohau wa Modimo ho nna ha o a ka wa fetoha lefeela. Ke sebeditse ho feta baapostola bohle, le hoja e se ka bonna, e le ka mohau wa Modimo o ho nna.
Ka baka leo, bana beso ba ratehang, le tiye, le se ke la thekesela, le nne le sebeletse Morena ka mesebetsi e mengatangata kamehla, le ntse le tseba hore mofufutso wa lona hase wa lefeela pela Morena.
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
Ke sona seo ke se sebeletsang ka thata, seo ke se lwanelang ka thuso ya Kreste, ya sebetsang ka matla a hae ka ho nna.