Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.
Nehemia 3:7 - BIBELE Bo-Melatiya wa Gibeone, le Jadone wa Meronote, banna ba tswang Gibeone le Misepa, ba bapa le bo-Jehoyada, ba tsosa lerako ho ya fihla ha mmusisi wa naha e ka bophirimela ho noka ya Euferatese. Sesotho 1909/1961 (SO) Mabapa le bona, ha lokisa Melatia wa Gibeone, le Jadone wa Meronothe, le batho ba Gibeone le Mitspe, ba kalosong ya mmusisi ya mose o kwano ho noka. |
Bagibeone e ne e se ba habo bana ba Iseraele; e ne e le masalla a Baamore. Bana ba Iseraele ba ne ba ba hlapanyeditse hore ba tla ba baballa, empa Saule yena o ne a rata ho ba bolaya ka baka la ho thahasella bana ba Iseraele le ba Juda.
Obile wa Moishemaele o ne a hlokomela dikamele; Jehedeya, ya neng a ahile Meronote, o ne a hlokomela ditonki.
Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa.
Kopi ya lengolo leo ba ileng ba le ngola ke ena: “Ho kgosi Aretaseresese. “Rona, bahlanka ba hao, ba ahileng ka bophirimela ho noka ya Euferatese, re re:
Esere, mora wa Jeshua, mmusi wa Misepa, a latela Bafai, a tsosa karolo e nngwe, e tobaneng le moepa o nyolohelang tlung ya dihlomo, e hukung ya lerako.