Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.
Nehemia 12:12 - BIBELE Mehleng ya Joyakime ho ne ho ena le baprista, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona. Lelapeng la Seraya e ne e le Meraya, ho la Jeremia e le Hananiya, Sesotho 1909/1961 (SO) Mehleng ya Jojakime, dihlooho tsa matlo a bontata baprista e ne e le Meraia lesikeng la Seraia, le Hanania lesikeng la Jeremia; |
Yaba o re ho bona: “Ke lona dihlooho tsa malapa a Balevi; ka hona itlhwekiseng, lona le bana babo lona, le tle le tsebe ho tlisa areka ya Morena Modimo wa Iseraele, sebakeng seo ke e lokiseditseng sona.
Bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho, ba ne ba le bangata ho feta bara ba Itamare, mme ba arolwa jwalo. Hara bara ba Eleasare, bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le leshome le metso e tsheletseng, mme hara bara ba Itamare bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona ba ne ba le robedi.
Mehleng ya bo-Eleashibe, le Joyada, le Johanane, le Jadua, ha ngolwa lenane la dihlooho tsa malapa a Balevi le a baprista, ho ya fihla mehleng ya puso ya Dariuse wa Peresiya.