Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona,
Nehemia 11:32 - BIBELE le Anatote, le Nobe, le Ananiya, Sesotho 1909/1961 (SO) le Anathothe, le Nobe, le Hanania, |
Ditloholo tsa Benjamine, tse neng di etswa Geba, di ne di ahile Mikemase, le Aya, le Bethele le metsaneng ya yona,
Ka tsatsi lena ba tla emisa Nobe, ba supe moradi wa Sione ka setebele, mane leralleng la Jerusalema.
Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:
Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?”
Davida a re ho moprista Ahimeleke: “Kgosi e ntaetse hore ke etse ho hong, mme ya re ho nna: ‘O se ke wa bolella motho seo ke o romileng sona, le seo ke o laetseng sona.’ Ke itse bahlanka ba ka ba yo kopana le nna sebakeng se seng.