Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.
Ke ha ba eya, ba fihla ba bitsa molebedi wa motse, ba mmolella, ba re: “Re ile ra fihla diahelong tsa Baarame, ra fumana ho se na motho, ho sa utlwahale le lentswe la motho, empa dipere tsona di ne di ntse di holehilwe, le ditonki di ntse di holehilwe, le ditente di setse di le jwalo.”
Bo-Mataneya, le Bakabukiya, le Obadiya, le Meshulame, le Talamone, le Akube, e ne e le balebedi ba menyako, ba lebelang matlo a polokelo a pela menyako.
“Ba malapa a balebedi ba menyako, e leng ditloholo tsa Shalome, le ditloholo tsa Atere, le tsa Talamone, le tsa Akuba, le tsa Hatita, le tsa Shobai, ba ne ba le lekgolo le mashome a mararo a metso e robedi.